Maele, lebone la Basotho.

Maele, lebone la Basotho. Keletso ke lebone mothong ea e ratang.

26/08/2020

Botjha๐ŸŒน

Palesa ho tlokoma, Mpho ya ha bophelo ba nnete bo tla qala!
Bo makoko sa tjhobolo, mohlang malome a ile ho fata metsuntsunyane!
Bo ikgantsha sa Pikoko ha e kgaba ka masiba, athe ea tsola! Bo tletse ka tjheseho bo bete sa ho beya tau setswetse. Ke letlotlo le behilweng pooaneng. Ba le jang ba ntse ba re, "ha ke sa jola disemeng mankwaneng". Empa nako ya bona e kgutshwane, e batla motho ya ithutang. Ya ikamahanyang le ho nyanya tsebo le sa sele! Etswe le sesotho se a cho h**e, e sa itshelleng e bola kila.

!

05/06/2020

Lebitla la ngwana e motona le ka thoko ho tsela!๐Ÿšถ๐Ÿšถ๐Ÿšถโค.
Ke motsamai, o ja nowa. O lala hlatheng, thota di tletse maraba.Tsa haabo ha dijewe hoba mohlang a holang o tlaatla dibabatla. Ba dijang ba lokela ho di siya masapo, eere ha di batla ba mmotshe tsona. Ke lekaka lenyathedi, sihla la monna wa mosepedi. Ha kea hloke kgomo a ntse a phela, Ho hoye oa ba ae fumane.

Madume mehaeso!
Kgotso ha e le atele basotho ba ntate Bereng le mme Mamohato. Kea Lerata bana bahaeso, Maluting!

16/04/2020

Ke boela ke howa madume, holona Tjhaba sa Ntate. Kere dikgomo basotho!

Kere nke ke le utlwise h**e nah ke pheileng kajeno. Etswe taba ha e tingwanwe ese bohobe!

1. Kgabane ha di rwesane mekadi?
Tlhaloso....Hangata ditsebi tsa nthong tse fapaneng ha di ke di okgelana mollo. Kapa Ditsebi tse pedi ha di nganyisana ha ho ya dumelang ho hlolwa.

2. Kgomo tsa tala di lahla badisa selemo?
Tlhaloso......Dikgomo ha ehlile di fumane makgulo a matala, di ka a sala morao hoya hole, mme badisa ba tswa ba lahleha.
2.1. Bophelong ba letsatsi le letsatsi ketsahalo ena re ka e bapisa le motho ya bonang dintho di le ntle pejana ho feta moo a leng teng. Ebe ba tsamayang le yena ba lahleha.

Ka hocho jwalo kere sejo senyane ha se fete molomo. Ebile Kgomo ha e nye bolokwe kaofela!

Kgotso, p**a, Nala๐Ÿ‘.

02/03/2020

NTWA KE EA SEDULA MATSWAPO.

Thelethele ka dilomo ntho ke ena e theoha thaba Himalaya, eeja batho lekemekeme. Ke eo e ata e tlala Lefatshe jwalo ka Qhaqhawe! Ke eo e nama sa qokwa maqokota thota. Mmaee batho ba qetwa ke ntho ba sa e bone! Ba jewa ke bohloko ba ntse ba shebile. Ha e kgethe m**o ka Sekgorane, ea ja banna nthwena ha e kgore. E siile Malapa tlokotsing. Bana ke dikgutsana, ha ele basadi bona ke bahlolohadi.

Ntate Ramaphosa, Ntate Motsoaledi, baetapele ba Aforika jikelele Tsoang tjhaba se seke sa timela ntse le shebile. Kwalang madiboho ha ho hlokahala. Kere batho pele, bophelo pele nakong ena e hlokolosi.

Lona maafrika a matle, itlhokomeleng. Jaang konofolo haholo. Nwang metsi a mangata, le be le je meroho le ditholoana ho feta pele. Tloang pela dinama tse ka makolokoting.

Morena boloka tjhaba sa haeso. Boloka Aforika dintweng le matshwenyehong. Re phemise Kgodumodumong ena!

re rapediseng mahlatsipa a bolwetse ba Corona.

02/03/2020

Madume tjhabana sa Thesele๐Ÿ‘‹Nna ke hlotse, ha ke tsebe lona?

SESOTHO SE RE:

Ngwana tadi o bonwa ka mereto
Wa lekgala ena o tsamaya ka lekeeke.
Batjha ha re lokiseng ditsela tsa rona, re batle tsela tsa bohoholo. Ho horona ho qala hona joale ho lokisa moo ho ileng ha senyeha. Ha re beng mehlala e metle baneng ba rona, marangrang ha hodise bana empa a bafa tlhaiso leseding e ngata, enngwe ya yona e kotsi le ho feta mafenetha.

04/02/2020

Thuto!

Lefa la boholoholo, sebetsa sa ka moso. E jwalo ka peo e jetsweng mobung o nonneng, e tlokoma ho hlaheng ha yona. Ke lefa le sa boleng. Ea sebeletswa ha e fumanwe e tonositse. Ke dijo tsa kelello, tsebo e hloka ho ntjhafatswa ka mehla. E bohale ntweng ya bophelo, e jwalo ka sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi.
Nka lefa o lese lefufa mosotho e motle.

30/11/2019

Lerato๐Ÿ’–โ˜!
Mokedi-kedi wa lona senyekgenyekge le ka o ntsha ka mafifi la o tshidisa dinoka le mawatle. Banna Lerato moo le leng teng tshabo ha eyo. Le ikgethela sebaka moo le tlang ho hlola teng, lerato ha le kgethe. O tla utlwa barutehi bare le bofofu lerato, empa lona le bopelletswe le motho. Mme moo motho a leng teng le tla ba teng, lefifing kapa kganyeng. Ya senang lona o jwalo ka tshepe ya simbala e modumo o moholo. O jwalo ka serapa se senang dipalesa, O shwele a ntse a tsamaya. Lerato ke motheho wa botho le wa bophelo.

Moqebelo o tletseng kgotso hleng baratuwa๐Ÿ’–๐ŸŒน..

#"Ratanang jwalo kaha ke le ratile"โœŒ๐Ÿ’–

10/11/2019

Motho ke motho ka batho!!โ˜โœŠโœŠ

Mphemphe ea lapisa, etswe motho ena o kgonwa ke sa hae. Empa hopola ka mehla h**e matsoho a hlatswana, ha ele hlaahlela lona le lla ka le leng. Monwana ona ha o itshupi, athe ha ele tshwene yona ha e ipone Lekopo. Ka tsela efe kapa efe, taba ke h**e o hloka batho ba bang ho bontsha bokgoni le makgobonthithi ohle a hao....o boele o hloke batho hape mefokolong ya hao, ho o thusa hoba motho ya phethahetseng. Se kgelle batho fatshe kapa ho ba hlompha ho latela dintho tsa pono ya mahlo, hoba di atla di a feta. Haele botho bonabo sala bo dutse poaneng.

Ke le rata jwalo ka ha ke ithata.๐ŸŒน๐ŸŒน๐ŸŒน๐Ÿ’–๐Ÿ’–. Sontaha ebe se tletseng kgotso le Lerato.๐Ÿ’–โœŒ

26/10/2019

Nka Malebela!โ˜

Lesisitheho leja Kgomo, ebile Lehlohonolo ha se lebelo. Rala ditaba tsa hao hantle, o ipehele nako ya ho fihlella tabatabelo tsa pelo ya hao. Katleho ya wa haeno, ha e se ke ya o beha tlasa kgatello, kapa ya o etsa motho ya Lefufa. Mong le mong o na le leeto la hae bophelong mona. Mme ha hona ya tla tsamaya le emong. Empa elellwa h**e ya morao yona e tlowa le sepolo. Folofela leraha, ase ptjhe oa shebile. Monyetla ha o hlaha, ha o fumane o lebelletse, kere ole malala a laotswe. Obe jwalo ka Mmesamohlwane ya sa panyeng.

Kgotso, P**a le kgora ha di atele tjhaba sa heso๐Ÿ‘๐Ÿ’–๐ŸŒน๐Ÿ™
Ke le rata jwalo kaha ke ithata tjhaba se setle.๐Ÿ’–๐Ÿ’–๐ŸŒน๐ŸŒน๐ŸŒน

19/10/2019

Bophelo ๐Ÿ‘ฃ
Ke Sempekgo, le pele di na le baji.
Bo naka di maripa boa hlaba.
Ha se potele e kgwathwang ka lehlaka, ha bo Lepeye.
Kere ho lona Tjhabana sa kgotso, se ka tshabang ho etsa diphoso. Phoso ke titjhere, eseng ho wena fela empa le ho ba bang. O ithuta hotswa phosong tsa ba bang, le bona ba ithuta hotswa ho tsa hao. Hola ese ka diphosa re kabe re sa tsebe bophelo!

Ebang le Moqebelo o tletseng Thabo le nyakallo.๐ŸŒน๐ŸŒน๐ŸŒน

10/10/2019

Lelapa le senang lerato, le jwalo ka Serapa se senang dipalesa.
Le jwalo ka lehwatata lebatameng la letsatsi. Le bodutu ba waelese e senang mashala.
Le jwalo ka mojadi ya tshelang peo hara majwe, ka tshepo ya ho Kotula. Ke Dithako tse dulwang ke batho!๐Ÿ˜ข๐Ÿ˜ข

Address

Ficksburg

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Maele, lebone la Basotho. posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Establishment

Send a message to Maele, lebone la Basotho.:

Share