30/08/2026
Ke ntse ke ikokobetsa ho lona Sepolesa sa 'muso oa Motlotlehi; mekhalajoe e bolotseng.💪🏼💪🏼
Lona bo-ntate ba molao habeli, mekhalajoe e sa tsoafeng maeto bolele, lona le boulelang moetlo. Malula-khoaling a heso a thaba ha re thaba re le 'moho, pin'a bo-ntate re e otla ka 'oto le letona; botlokotsebe le tlolo tsa molao li hlahlathela ke ho re bona.
Batho ba khomo 'mala omong...