02/04/2023
•ke bona le Nhalala•
Likwata KE bona le nsheba lenyemo-nyemo,
Ha kea makala ke utlwa le ntshosa ,
Hobaneng ha le ikenya tshotso linaleng?,
Ke lutse KE ipotso lipotso KE hloka likarabo,
H**e na hobaneng ha Tau e khethile ho phela naheng?,
Mohlomong KE hobane e le pela matshofu a eona hoba e phela ka matlaka,
Lenong hobaneng le lesieo Mabalane?,
Bang ba re Mona e hloka liselo,
KE khutle KE ipotse h**e naa KE ka lebaka le feng tlhoare le Thamae li sa utlwane,
Athe li tseka borena naa?
KE lutse KE ipotsitse ho sa feleng ,
Hoba KE mpheli-pheli serotola Marole,
KE lutse KE fahlile 'muso ka lehlabathe,
Ba lutse ba tsomana le nna lintja TSA 'muso,
Ba menahana le mehlala ba fihli ba lahlehe,
Athe KE tsamaile ka santharo ntse ba falimehela litsela,
KE molula-qhooa o motonya KE lutse KE tonne Mahlo ha KE lahle liposo ,
Le ha u hlaha KE iname se KE tlotse khale,
KE mothapo wa kutlo ntlheng,KE nna moseteli wa sensory processing KE ndoda lielemane,
Sheqe.tshethe phau li manoebe-noebe keng li hanne ho thokola?
Ke likamore TSA 'nyetlana KE mofuthu u hlokang tekanyetso,
KE lutse KE robalitse banna lefelleng,
KE phutha lichaba ,seropo sa ka ha Sena leseli,
KE kelello e malepa ke lutse KE lohanya lifela,
Botipi baq bo lutse bo koentse lihale ,
Ha hona mokherane u ipitsang khosi jareteng eaka,
KE foka sabole KE phela bonyamatsana ,
KE maphathe-phathe joaloka ntsintsi KE lutse KE phokoa ,
KE thabela mokhuping hoba KE tseba khora e ngata ho feta tlala,
KE tsoma hohle-le-hohle ,KE foka se ka Moea ha KE na khethollo,
Linko li mafamo ndoda Zulu ,sehlabaki sa Serabakane KE ralikalime nkolietsane,
Likotsi li haetse bobeng,ho lerotho ba tshaba le ho Kena ba lutse ba tshohile,
Khanya le lefifi li batla li fapane le Lona Lea tseba,
Haeba le batla Borena , hobaneng le sa tseke Lesotho,
Mohloli e tlaba eena khosi re khutlele morao-rao,
Mehleng ea Morena Peete le Mokhachane,
Ene Nkhono 'Mantshebo oa lla mabitleng,
U re lelokong la hae u tswetse lilehe,
Please.follow.my.page.❤️🥺