24/08/2026
๐๐๐ง๐ฆ๐๐๐ฃ๐ ๐ข ๐๐จ๐ ๐๐ก๐ ๐ฏ ๐ ๐๐๐ข๐ก๐
Hoatiti Entertainment News 23.8.2026
Pina ea Litshepe Lr ea Lerato Laka e se e mametsoe ka makhetlo a fetang 3 milone sethaleng sa 'mino sa Spotify, 'me ke eona pina ea bobeli ea sebini sa Lesotho e fihletseng lipalo tsena e ntลกitsoeng selemong sa 2026 kamorโa Mokh'oba ea Sannere.
Pina ena ke karolo ea letlapa la Litshepe la Motheo leo a ileng a le ntลกa ka la 27 February selemong sena sa 2026.
Ho feta mona, Lerato Laka ke pina ea hae ea pele ea h**e e fihlele '3 million streams' sethaleng sa 'mino sa Spotify.
A k'u lebohise Semapo ka katleho ena Mosotho oa heso.