29/05/2026
TABA TSE MONATE HO BA TS'ELELANG RSA
Basotho ba tla hopola h**e ho tloha ka la 1 June 2026, makoloi 'ohle a ngolisitsoeng Lesotho le linaheng tse ling ha a kena malibohong a Afrika Boroa a lokela ho ba le polomiti ea ho kena le ho tsamaea Afrika Boroa. Polomiti ena e tla phela nako ea likhoeli tse tšeletseng, ebe e ea nchafatsoa ha nako eo e fela.
Litaba tse monate ke h**e ho qoba tšubuhlellano malibohong, beng ba makoloi ba ka etsa kopo ea polomiti ena ba le malapeng kapa hohle moo ba teng ka marang-rang.
Bakeng sa ho tlatsa foromo ea kopo ea polomiti, monga koloi o hloka h**e a be a tšoere pasa ea hae e ntseng e sebetsa hammoho le lengolo la koloi ea hae.
Ho ngolisa ka marang-rang monga koloi o lokela ho kena websaeteng ea 𝘄𝘄𝘄.𝘀𝗮𝗿𝘀.𝗴𝗼𝘃.𝘇𝗮/𝘁𝗿𝗮𝘃𝗲𝗹𝗹𝗲𝗿𝗱𝗲𝗰𝗹𝗮𝗿𝗮𝘁𝗶𝗼𝗻 'me ha a fihla moo a ee ho Complete Declaration, ebe o ea ho 'I have goods and/or currency to declare' 'me a tsoele-pele ho tlatsa foromo.
Ha u qetile u se u ka ikela lelibohong le haufi le uena oa lata polomiti ea hau, 'me teng u tlameha ho ea u nkile pasa ea hau, lengolo la koloi le khafa ea koloi (e leng pampiri eane moo ho ntšoang disc ea koloi), u se ka siea koloi ha u ea lelibohong h**e e-be haufi ho hlahlojoa. Monga koloi oa ikisa ha a romeletse.