Itu Mohanoe Poetry Side

Itu Mohanoe Poetry Side Page ena ke lithothokiso tsa Itumeleng Mohanoe tse ngotsoeng ke ena le ho hatisoa ke ena..

15/01/2025

Shout out to my newest followers! Excited to have you onboard! Mpoi Matete, Malejohn Lejohn Lejohn, Makarabelo Chaka, Machedy Sebabatso, Motshedisi Tshedy Malefane, Khotsofalang Paneng, Thabelo Ntaote, Morena Khabane Motsitla, Bokamoso Ba Kano, Reitumetse Makume, Sk Stephen, Qetello Mokhali, Nomaswati Hillary Boopa, MiaNeyo Wendy Letsosa, Nthabiseng Taicy Mohanoe, Lele Mareitumete Maitse Rabeleng, Mphooza Lecsa, Ntiby Oa Lekhoakhoa Machefo, Khethang Lenkoane

04/06/2022

Naleli e ntle selemela kapa ke mphatlalatsane naleli ea meso ha re tsebe. Selo se melile sa mohala-litoe oa lithota, ke lemana-mana mahaleare ha a hlothehe e melile joalo ka sehloba.
Le se nna le itela bootloana khanyapa ho khale e siile koetsa.

Le se nna le rala bahale ho se mabaka le oa phuhla, Ramaseli Ramatsatsi  Mpshe Motlahali o loana ntoa  tsa  bona  ka set...
22/02/2022

Le se nna le rala bahale ho se mabaka le oa phuhla, Ramaseli Ramatsatsi Mpshe Motlahali o loana ntoa tsa bona ka setu.....

26/11/2021

Bofang lipitsi le qanehe lipelesa nna ke bofile Beisete e khoali ke le seisame lethoba le hanne kholo semate, ba re ke mmoulo pitsi pokola kere ke Habofanoe ferene ea bo mmope ka Likhaleng banna se nnang le mpotsa mabitso, bitso laka ke Nkoeqeka ke Khakhametsane ea thota tsa Masoalakahleng le bolelle morena Qopela ho khale ke jakile ka Meleleng khomo boela haeno o holipe etsoe ea saka lesele ha eba poho ba e belesa masikha....

24/07/2021

Ho khale ke nyeka qeba la pelo ha le fole, banna e nkha mahloele nyene le bosiu khotla la kena pelong ho thojana, banna hara bafu ba fuoa nomoro tsa mabitla ekaba ntate o jeloe ke se fe sebata. Khatlane o jele le sapo la ho qetela la Mokoena oa Lekhoakhoa, ntate o jooe ke koeeoko tsamaong, bomakherenkhoa lahlang litaola lona baruti bitsang ho Ramaseli, topo sa mohale ha se nyamelle ruri le sapo la sephaka re ka le epela. Khele e kheleletse pelo banna ke shoeletsoe ke motho ke mo rata.. Ngolo la mohala phalla o ee mafatsheng kesi la ho fofonela epolla Masole Mohanoe moo, leha a thotse re ka mo ameohela.😭😭😭😭

01/06/2021

Ke lioeli-oetlane ke matonomapesa marumo a fapakana sebakeng banna nama li feta melomong ea batho, ba re nthethe o lebile Bolata o ea roala ke re se nna le senya- kaka makhomo le a neela bo mmotoane, haeso motseng ke siile mets'ets'ele e sa robetse eare ba e tula methokho ka be ke phatsitsoe ka Ha Maama ke ntse ke bineloa.
Banna mosuoe a e shoa makoloane a sala uoeele likhutsana tsa monna paka mahlomola , ha le'a nyeka ho fella naka ntse le eme le eme le tse mesana litaoana li'a binela li ea laea.

10/04/2021

Bo hlooho putsoa hlooho ba llela matlala ba tla a bona le kae ele bafu?
Thoetsana ea Khoakhoeng e ngangabalitse hlooho o hana ho utloa pina mang kapa mang phelo bo tjamme sa bata sa lithota..Shota o loana ea khumamela o sitoa ho shoa sa molalahlaheng o qekhela moqhaka a tla hlahe pela morena..

09/02/2021

Botsang ntsope sooa bo joang le botse Makolane bo joang bo fetoa banna ba re ke Hlakola ea marato ea mabitso a li tsoekere qhooeng ke eme ke seepa pitso. Rato la pelo le nhlotse e nqhalile hlenhlenyane ritelang baeso qoebejane le momone thena tsena le li rate li le rate .
Ba ea bitsoa ka mabitso boManpito ba bitsoa bo Soitata bo Madarling, ha ho khang mehaeso qobielang lipelo li laeng le li fe malebela, rato ke rumo le u hlaba latana e le sa hau sa mohale a selehe kampuane ea ho qhetheloa ke rumo la ts'epe a ipetletse...
Mong keleli li ea phorosela rameng la hae pala monoana ba nka likano, mong li ea phalla e qhalana tumtoana empa re sa letile la 14 Hlakola , hlakolang melaka re bohe ha rato le iketsetsa borata....
Happy Valentine's day in advance 😘😘😘😘
💕💕💕💕💕

27/01/2021

Morena oa e shoa bitso le sale, monongoaha khanyapa e tsoile bolibeng ea sia mahe a sa qhotsoa bo mmeke tlali e thekhelitse Ha Maama tumalichabeng.
Pitsi e qholo li sebecho makherenkhoa o boetse balimong mora Phafoli oa Motaung, Namane ea tau a se ho ts'abeha mora Motsoafa le Moliehi a e sia mesarelo.
Holimong la boraro ke menyakoe kamohelo ke ea pheqela ea Matelile ha khotsofala maholimo a nyaroile, ba itlhoma lipotso bo Khabariele le bo Mokaele.
Ba re Phafoli o jeoa keng? A re ke jooa ke lefu la pelo hloko ba ntlokela ke lemme libanka ts'imong ea moreneng morena tlala e tla mo tjamela monongoaha.
Robala ka khotso monna o tatametse tjakatola hanyane u re tsipetse koaeng re sala re hula ka linkoana hloho ke sa ha re felloa.
Le manyala le masotle baneng ba batho, lefu ke Rsmonyollo Ramasoetsa o nyolotla bahale ho sala liesola, mapepele le meqhaka banna ba ho ts'aba ntoa ea leleme.
Ha ke morena ke m**o ke busoa Khoakhoeng ke jakile Meleleng koana thabeng tse makheka bo Souru le Letloepe, Kopu le kopunyana mafahla a Mopeli khale ne ke a nehe mokokotlo ke ts'alinyana ea ho tsoka phali saka banna phaka botoma ke sa bo ts'oha, theohang lipitsi banna ke le supile.
Ke laola ka lotho taba tsaka li'a ts'oerehla ke shoetsoe ke motho ke morata ntate Lucky oa Matelile ke hloentse pelo e roetse maralla mahanana a nkha bobete.
Nqaphatseng feela ke tsebe ho bohla, emang qelele le qobe hale ba khoshane ea pelo ha ke so e utloe nka e bohla pelo ea bothela ba mpokanetseng qiti fats'e ba ilibana.
Tsamaya Motaung , Ramaseli Rammoloki taba tsa rona ntle le letsoalo u li teke motlotsuoa.

Robala ka khotso monna o tatametse oa binela oa phatsa oa bolotsa bale le bashemane ra makala...

Ithoballe Motaung...

28/12/2020

Khetsi ea makha e khoaetse liuta, kh'ehlane e khakhile lipalami tsa lipitsi korolloane ha e bofehe , e lebelete e hlaha ea fata ea kuputsa makoatsi ...

Khorong tsa thaba Souru thoetsana e eme , mekhifa chechefa tsa ho sekola mahata li ngannge lihlooho li ngangabetse ba re fela tsa mosali ha ba li theele tsebe.
Mamelang lona melooe esere la re ha la nkutloa , kibitlane ea mats'a a maholo ha kea makoa nka makoa keng motse o khibitlile makoala?
Mpotsetseng bo mmalithats'ana ke re timitimi monongoaha e loisoa ka hata la ngoana mang, phali saka tloebelele tsa sona li seisa makoala hlaba la tsometsi qhaila kheme, khemenchane ea re ba re ba hema ba feeloa le feeloa keng khosi tsaka??
Ha ke morena ke m**o molao nka o theela tsebe, tsebe ea e ba lethoethoe ka utloa taeo....

07/11/2020

Lesotho la Ntate La Moshoeshoe

Aoeeeeeeele li na le baji le pele nkile ka utloa cheche e feta poholi ea eona e le mohono e sesela tumo ba eona bo le ngoeleng la Tlou.

Khakhi o khakha se sa mo khakheng tsa Moshoeshoe Khotso ke pale ea maobane e phetoa ke baholo moloko o mocha o e qheletse theko chaba sa makala.

Utloang pohomela Motse moholo Maseru boieane ba chacha boko sa bona mali sa ba ts'olla ona. Bonang polesa sa itebala limenyane ba ineha tsona ka sika le holang ba ntate ba Mokhachane ekaba Sotho le ea kae?
Balimong moo mpokeleng likhomo ho mohatsa Mabela le laetse ka no Mantsopa le ba hashele hanyane ka Lesotho.
Sotho khotso ke pale re ka robelana mahlokoa tsa phetoa tsa eona .
Ba roetse ka mali tlolo tsa Kholu ke manong phala bobete . Ba e phekhotse khotso hara bona ha ea aha Motse ho cha e mabapi ke ts'omo re ka re qoi ha e boleloa.

Mpotsetseng Mohlomi h**e maele a felile a ke a ngolle bo makherenkhoa ba setseng kapa torong tsa Mohato le ka fihla , torong tsa hae la tlisa thatollo ba ntate Sotho lea kae? Sotho le ea kae?
Maliba a matala ke otloa ka lengoele fats'e bochabela ke tsepamisetse mahlo teng ke boka likhomo ho balimo ba chaba sena kea atora.
Ase khale maobane maobanyana Bacha ShutDown e bile tsenene ea hlaba ea hlatha chacha ea Lesotho .
Tsa ba ubella tsa 'mosu tsa ba fa ' meche.
Thena li lutse paramenteng leboso nyame ha le e bone puo kore na meropotsane ba okhelana joang!
Chaba sa ntate Egepeta ho se ho kae Moshe is ea a fihle, Chaba sena poloho se tla e bona eba mahlonoko ke pale le oona!
Se lleng Chacha Egepeta naheng ea Faro le tla tsoa, Kanana e se kae tlabe le fihlile, llang le itlhakola ba moreneng Tlatla-macholo o sa le utloile boko sa lona holimong la boraro se fihlile ; tsohong la Khabariele karabo tsa lona li teng.....

Sotho la Ntate ha le boee!!!!!

Address

Motse Mocha 428
Qacha's Nek
600

Telephone

+26656864191

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Itu Mohanoe Poetry Side posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share

Category