27/03/2026
π£ PHETOHO EA LETSATSI LA TLHOLISANO - THOKO CHORAL FESTIVAL 2026!
Ka mabaka a kekeng a qojoa, ke ka masoabi re phatlalatsang h**e Thoko Choral Festival 2026 e tla fetola khoeli eo e bang ka eona. Ha e sa tla ba ka letsatsi la 12 'Mesa, empa e se e tla ba ka khoeli ea Loetse ka letsatsi le tla boleloa. A mang a mabaka a etsang h**e mokete ona o isoe khoeling eo ea Loetse ke a latelang:
β
Mothehi oa mokete ona o ntse a sa phele hantle, joalo ka ha re tseba, ke ena ea boelang a ts'ehetsa mokete ona oa rona ka lichelete tse tsoang ho ena e le motho le likhoebong tsa hae. Ha joale, Thoko Choral Festival e ne ntse e lebeletse joalo ka kamehla ts'ehetso ho tsoa ho bo mphato oa rona ho tlatseletsa ho seo mothehi oa Thoko Choral Festival a fanang ka sona.
β
Litho tsa lihlopha tse ling li nka karolo palong ea sechaba. Ho bonahala ha mosebetsi ona oa palo ea sechaba le ona o tla qala ka lona letsatsi leo la 12 'Mesa, moo ho tlang ho tekenoa litokomane tsa phano ea mosebetsi (contracts). Sena se bonahala se thefutse lihlopha tse ling, 'me ba kopile thuso ka h**e ho fetoloe letsatsi la mokete / tlholisano ena.
Re fetisa ts'oabo ea rona ho lihlopha le bats'ehetsi ba rona bohle ka ts'itiso ena e tlang ho ba teng.. Empa tiisetso ea rona ho lona ke h**e Thoko Choral Fetival e ntse e tla tsoelapele ka khoeli ea Loetse selemong sona sena se holimo.
Rea leboha!ππ