15/12/2025
NKILE KA BA LE METSOALLE E NENG E NTŠELLE CHEFU 'POISON' JOALENG
Nkile ka noa joala le 'na. Ke ne ke bo noa hoo ke neng ke itebala h**e na ke mang. Hofihlela ke phonyoha lefu ka lebaka la joala. Ke ne ke le heso koana Quthing. Joale ke ne ke e-na le metsoalle e mengata. 'Na hangata moo ke fihlang ke ba le metsoalle. Leha ekekeng ea e-ba metsoalle eo ke e bitsang ea hlooho ea khomo, empa ke lula ke e-na le eona. Setsoalle sena sa rona se ne se bopiloe ka batho ba bararo. Ke 'na le babang ba babeli. Kaha ha ke lule hae haholo, ke ea ka mariha le ka Keresemese, metsoalle ena eaka e 'meli e se e utloana haholo.
Joale ka keresemese e 'ngoe re se re rera ho ea monateng ho amang a matlo a thitelo hona motseng moo joaloka tloaelo. Tsatsing leo mantsiboea a teng ka itokisa hee, hobane rona re ne re ea monateng bosiu. Ke ile ka kopana le metsoalle eaka kannete ra inoella. Ke ile ka hloleha haholo ha nako e ntse e ea. Ke hopolela lerothong ha motsoalle emong oaka a re "botaoa bona bo hloka ho ntšoa ka joala bobong" ha a cho joalo a tsamaea a eo reka joala bobong. Ba ile ba mpha joala boo ke ntse ke hloleha joalo. Ho na le se ileng sa 'makatsa ka ho khetholoha liketsahalong tsena empa e re ke behele mofao oo qetellong ea litaba.
Ke iqetetse ha ke ne ke noa joala bane boo emong oa metsoalle eaka a ileng a lo bo reka. Ke phaphame letsatsing le hlahlamang ke le sepetlele. Ha ke tsoha ke bona lelapa l'eso le lutse ka moo ke neng ke le kateng sepetlele. Babang ba bona ba ne ba bile ba lla. Joalokaha ke qetetse ke le joaleng, kannete ke ile ka botsa h**e na ho etsahalang. Ba ile ba khutsa sebakanyana. Empa qetellong ba ntlhalosetsa.
Ba re ho 'na, ho fumanoe chefu 'poison' 'meleng oa oaka. 'Me ho bonahala e le joala boo ke bo noeleng. Ngaka e boetse e netefalitse h**e ke na le matšoao a peto. Ke ile ka makala haholo hobane ke ne ke e-na le metsoalle eaka ea banana. Ke mang ea ka ntšellang poison ho bona ba le joalo? Ea ka mpetang eena? Hona motsotsong oo ke ile ka se khitla habohloko. Emong oa baoki ba sepetlele seo a fihla ke ntse ke hoelehelitse joalo. A sheba lelapa l'eso. Ka bona ba hlonama hofeta pele. Ka ba sheba ka pelo e bohloko eaba ke re ho bona "ho sa setse eng hape?" Ha ba nkaraba, empa mooki eo a re ho 'na ke itlalehe sepetlele moo kamora libeke tse 'ne. Ke ile ka etsa joalo, 'me ka bomalimabe ka fumanoa ke e-na le matšoao a HIV. Ke ile ka boela hape kamora likhoeli tse tharo 'me joale litaba tsa hlaka h**e ke na le HIV.
BALA KAROLOANA EA HOQETELA LICOMMENTENG